2025
Bahalaleli Ba Ea Bophirima.
Ts´itoe 2025 Motsoalle


“Bahalaleli Ba Ea Bophirima,” Motsoalle, Ts´itoe 2025, 26–28.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Ts´itoe 2025

Bahalaleli Ba Ea Bophirima.

Brigham Young o shebile ha batho ba sebetsa Tempeleng ea Navuoo e sa felang

Kamorao hore Joseph Smith a shoe, Brigham Young le Baapostola ba bang ba ile ba etella pele Kereke. Brigham o ile a tseba hore Bahalaleli ba ne ba lokela ho tloha Nauvoo hobane ho ne ho sa ts´ireletseha. Empa Morena o ne a batla hore ba qetele ho aha tempele pele.

Brigham Young o amohela batho tempeleng

Ha tempele e se e lokile, likete tsa Bahalaleli li ile tsa etsa lilekane le Morena ´me li ile ba tiisoa e le malapa.

Bahalaleli ba tsamaea har´a sefefo sa lehloa

Joale e ne e se e le nako ea ho qala leeto la bona la ho ea bophirima. Ho ne ho bata, ´me batho ba ne ba kula ´me ba lapile.

Malapa a thusa ba bang ho fumana lijo le likobo ka har´a serame

Brigham o rapella thuso. Morena o ile a re ba lokela ho thusana, ´me o ne a tla ba hlohonolofatsa le ho ba thusa.

Lelapa le khumame pel´a lebitla

Leeto le ne le ntse le le boima haholo. Batho ba bang ba ile ba shoa. Empa ka lebaka la likano tsa tempele, Bahalaleli ba ne ba tseba hore ba tla bona litho tsa malapa a bona hape.

Brigham Young ka kariking a shebile Salt Lake Valley

Bahalaleli ba pele ba ile ba fihla Salt Lake Valley ka 1847. Mona ba ne ba khumamela Morena le ho etsa mosebetsi oa hae ka khotso.

Lits´oants´o tsa litempele le barumuoa lichabeng ka sets´oants´o sa lefats´e

Kamor´a lilemo, Bahalaleli ba bangata ba ile ba fihla ´me ba aha litempele tse ngata. Barumuoa lichabeng ba ile ba tsamaea ka lefats´e lohle ho ruta evangeli ea Jesu Kreste. Kereke ea Mopholosi e ile ea tsoelapele ho hola, ea hlohonolofatsa bana ba Ntate ea Maholimong hohle.

Leqephe la ho Taka

Ke Leseli, Bophelo, le Ts´epo ea Lefats´e

Leqephe la ho taka la PDF lesea Jesu sejelong le konyana

Lits´oants´o ka Corey Egbert

Ke eng seo u se etsang ka Keresemese ho hopola Jesu Kreste?