“Jane Manning o Etela Nauvoo,” Motsoalle, Mphalane 2025, 26–28.
Molaetsa oa Khoeli le Khoeli Motsoalle Mphalane, 2025
Jane Manning o Etela Nauvoo
Moo Jane Manning a neng a lula teng, batho ba bang ba ne ba mo ts`oara hampe ka lebaka la ’mala oa hae oa letlalo. Ka letsatsi le leng, o ile a utloa thuto ea moromuoa lichabeng. Haufinyane o ile a kolobetsoa.
Lelapa la Jane le lona le ile la kolobetsoa Kaofela ba ne ba batla ho ba le Bahalaleli Nauvoo. Kahoo ba ile ba qala leeto la bona.
Lelapa labo Jane le ne le batla ho tsamaea ka sekepe karolong e `ngoe ea leeto, empa le ne le se na chelete e lekaneng. Kahoo ba ne ba lokela ho tsamaea limaele tse 800 (1,300 km).
Ba ne ba lokela ho ts´ela molatsoana o tebileng ´me ba robale ka ntle serameng. Empa ba ne ba ikemiselitse ho fihla Nauvoo. Ba ne ba ikhothatsa ka ho bina ha ba ntse ba tsamaea.
Lelapa labo Jane le ile la tsamaea ho fihlela lieta tsa bona li tsofala le maoto a bona a tsoa kotsi. Empa ha ba rapela Molimo hore a ba thuse, o ile a folisa maoto a bona.
Ba ne ba thusa batho ba neng ba kopana le bona tseleng. Ba bile ba thusa ho folisa ngoana ea kulang ka lebaka la tumelo ea bona.
Qetellong, Jane le lelapa la hae ba ile ba fihla Nauvoo! Ha Joseph Smith a utloa tsohle tseo ba fetileng ho tsona, a bolella Jane, “Molimo a le hlohonolofatse. U har´a metsoalle hona joale.”
Leqephe la ho Taka
Jesu o Batla hore Ke Rate Bohle
Lits´oants´o ka Corey Egbert
U bonts´a lerato joang ho ba bang?
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Sekhooa: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, October 2025.. South Sotho. 19630 739