2025
Ho Aha Nauvoo
Mots´eanong 2025


“Ho Aha Nauvoo,” Motsoalle, Loetse 2025, 26–28.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Loetse 2025

Ho Aha Nauvoo

Bahalaleli ba pele ba phela litenteng mabopong a Noka ea Mississippi

Morena o ile a bolella Bahalaleli ho bokana sebakeng se secha. E ne e le pel´a noka e kholo, moo lefats´e le neng le le mongobo ´me le le seretse. Ho ne ho sa bonahale e le sebaka se nepahetseng ho aha motse. Empa Moporofeta Joseph Smith o ne a tseba hore ka thuso ea Morena, ba ka se etsa hore se be setle.

Monna ea nkileng patsi mahetlang a hae, pere le kariki ka thepa ea moaho, le matloana a notleloang
Joseph Smith le banna ba bang ba beha litene ha ba aha ntlo

Bahalaleli ba ile ba sebetsa ka thata ho se etsa sebaka se lokileng sa ho phela. Joseph o ile a bitsa motse oo Nauvoo, e leng se bolelang “sebaka se setle.”

Joseph Smith a supa sebaka se thabeng bakeng sa tempele

Morena o ne a batla Bahalaleli ba hae ba ahe tempele Nauvoo. Batho bao ba ile ba qala ho sebetsa ka potlako.

Joseph Smith a ruta Bahalaleli ba bang ho aha ntlo

Morena o ne a e-na le litlhohonolofatso tse kholo ho fa batho ba hae. Ka tempeleng, ba ne ba tla etsa lilekane, kapa lits´episo tse khethehileng, le Morena. Ba ne ba tla boela ba ithute ka morero oa Ntate ea Maholimong oa thabo bakeng sa bana ba hae.

Tempele e feling ea Nauvoo

Bahalaleli ba ile ba sebetsa ka thata ho aha tempele. Ho nkile nako e telele, empa ba ne ba thabile ho ithuta ka lits´episo tse khethehileng tseo Morena a neng a na le tsona ka tempeleng ea hae.

Leqephe la ho Taka

Tempele ke Ntlo ea Morena

Leqephe la ho taka la ketsahalo ea tempele PDF

Lits´oants´o ka Corey Egbert

U ikutloa joang ha u bona tempele?