2025
Chankaneng ea Liberty
Mots´eanong 2025


“Chankaneng ea Liberty,” Motsoalle, Phato 2025, 26–28.

Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Phato 2025

Chankaneng ea Liberty

Matlo a tukang le banna ba halefileng ka lithunya

Batho ba bangata Missouri ba ne ba sa rate Bahalaleli. ´Musi o ile a romela masole ho etsa hore ba tlohe.

Monna ea holim´a pere o supile Joseph Smith ka sabole

Masole a ile a ts´oara Joseph Smith le ba bang ba baetapele ba Kereke. Bosiu bo bong, balebeli ba ne ba ntse ba ts´eha ka lintho tse mpe tseo ba li entseng ho Bahalaleli.

Joseph Smith ka liketane matsohong a hae, o eme ´me o bua le banna

Joseph a ema ´me hoelehetsa, “Khutso!” O ile a bua ka matla a Molimo. Balebeli ba ile ba re ba masoabi ´me ba khaotsa ho bua.

Joseph Smith le banna ba bang chankaneng ea Liberty ba shebahala ba hloname le ho hatsela

Hamorao, Joseph le metsoalle ea hae ba ile ba behoa chankaneng motseng o bitsoang Liberty. Chankana eo e ne e bata, e le nyenyane, ´me e le lefifi. Ba ne ba e-na le joang feela bo lits´ila boo ba robalang ho bona. Lijo tseo ba neng ba li fuoa li ne li ba kulisa.

Joseph Smith a lla ´me monna a mo ts´elisa

Joseph o ne a ts´oenyehile ka Bahalaleli. Empa o ne a sitoa ho etsa letho ho ba thusa.

Joseph Smith a khumame a rapela ka chankaneng

Joseph o ile a rapela haholo. O ile a botsa Molimo hore na o lebetse ka eena le litho tsa Kereke.

Joseph Smith a khumame ka chankaneng, a shebile khanyeng ea letsatsi e hlahang festereng e nyenyane

Molimo o ile araba thapelo ea Joseph. O ile a re “Mora oa ka, khotso e be moeeng oa hau.” Molimo o ile a bolella Joseph hore liqholotso tsa hae li ke ke tsa ts´oarella ka ho sa feleng le hore li tla ba molemong oa hae. O ile a ts´episa hore o tla ba le Joseph kamehla le mehla (Lithuto tsaTumelo le Lilekane 121:7,46).

Leqephe la ho Taka

Nka Ba Joaloka Khanya ho Ba Bang

Ketsahalo ea leqephe la ho taka le ntlo ea lebone, lebopo la majoe, le seketsoana ka leoatleng

Lits´oants´o ka Corey Egbert

U mohlala o motle joang ho ba bang?