Molaetsa oa khoeli Motsoalle, Phupu 2025
Baapostola ba Sebeletsa ho Borumuoa Lichabeng ba Great Britain
Morena o ile a bolella Joseph Smith ho romella ba bang ba Baapostola ho sebeletsa ho borumuoa lichabeng ba Great Britain. Ho ne ho le thata ho Baapostola ho sia malapa a bona, empa Morena o ile a ts´episa ho ba hlohonolofatsa.
Heber C. Kimball le mosali oa hae, Vilate, ba ne ba e-na le lelapa le lenyenyane. Bongata ba bona ba ne ba kula haholo.
Brigham Young o ne a kula le eena, le lelapa la hae le ne le futsanehile. Empa mosali oa Brigham, Mary Ann, o ile a mo bolella a re, “Tsamaea o phethahatse borumuoa ba hau, ´me Morena o tla u hlohonolofatsa.”
Heber le Brigham ba ile ba ba betere, empa ba ne ba fokola haholo. Ba ne ba batla ho ruta evangeli, joale ba ile ba fonanisa ba malapa a bona ´me ba hloella kaholim´a kariki ho qala leeto la bona.
Kamor´a leeto le le telele ho ea ka nqane ho leoatle, Heber le Brigham ba ile fihla Great Britain. Ba na le Baapostola ba bang, ba ile ba ruta batho ba bangata evangeli. Likete tsa batho li ile tsa kolobetsoa kerekeng ea Jesu Kreste. Bongata ba bona bo ile ba sesetsa ka nqane ho leoatle ho kopana le Bahalaleli ba United States.
Morena o ile a boloka ts´episo ea hae ea ho hlokomela malapa a Heber le Brigham ha ba ntse ba mo sebeletsa e le barumuoa lichabeng.
Leqephe la ho Taka
Molimo o Bopile Sebupuoa Se Seng le Se Seng Lefats´eng
Lits´oants´o ka Corey Egbert
Sebupuoa seo u se ratang ke sefe?
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, July 2025.. South Sotho. 19639 739