2025
Ho Aha Tempele ea Kirtland
Phuptjane 2025


Molaetsa oa khoeli Motsoalle Phuptjane, 2025

Ho Aha Tempele ea Kirtland

Joseph Smith le ba bang ba shebile masimo a bulehileng

Morena o ile a bolella Joseph Smith hore e ne e le nako ea ho aha tempele Kirtland, Ohio, USA. E ne e tla ba sebaka se ikhethileng moo Morena a neng a tla etela batho ba Hae ‵me a etse lits´episo le bona.

Batho ba qala ho aha Tempele ea Kirtland

Bahalaleli ba ile ba qala ho aha tempele. E ne e bitsa chelete e ngata ‵me ea nka mosebetsi o mongata. Empa ba ne ba thabetse ho amohela litlhohonolofatso tsa Morena.

Monna ea rapelang ´me basebetsi ba le haufi

Ha Bahalaleli ba ntse ba sebetsa tempeleng, ba ile ba qala ho felloa ke chelete. Ba ile ba rapela ho Molimo bakeng sa thuso.

Mosali ea ka kariking o shebile Tempele ea Kirtland e sa felang

Mosali e mong ea bitsoang Caroline Tippets le lelapa la hae ba ne ba ile ba boloka chelete e ngata. Ba lumella Kereke ho alima chelete ho thusa ho aha tempele.

Bana ba bokella likhalase ka lirotong ka pel′a Tempele ea Kirtland e ahiloeng empa e  sa fella

Bahalaleli ba ile a sebetsa ka thata. Ba bang ba ne ba khanna likoloi tse tletseng majoe. Ba bang ba ne ba etsetsa basebetsi liaparo le lijo.

Bana ba ne ba bokella likotoana tsa likhalase tse pshatlehileng hore ba li sile ‵me ba li behe holim‵a marako a tempele e le hore li phatsime ke khanya ea letsatsi.

Batho ba shebile Tempele ea Kirtland e felileng

Ka potlako tempele e ile ea fela! Bahalaleli ba ne ba nyakalletse ha ba kena ka tlung ea Morena ho amohela litlhohonolofatso tseo aA ba ts´episitseng tsona.

Leqephe la ho Taka

Morena oa Ntseba, ‵Me Oa Nthata

Alt text

Lits´oants´o ka Corey Egbert

Taka sefahleho sa hau ka har‵a selikalikoe. U tseba joang hore Jesu Kreste oa u rata?