“Lucy o Fumana ’Nete,” Motsoalle, ’Mesa 2025, 26–28.
Molaetsa oa Khoeli le Khoeli oa Motsoalle ’Mesa 2025
Lucy o Fumana ’Nete
Ka letsatsi le leng, Lucy Morley ea lilemo li 15 o ne a thusa mohaisane oa hae, Abigail Daniels, ho loha masela. Ha ba ntse ba sebetsa, barumuoa ba boruti lichabeng ba bararo ba ile ba kokota monyako. Ba ile ba bolela hore Jesu Kreste o ne a ba rometse ho arolelana molaetsa.
Banna bao ba ile ba bolella Abigaile le Lucy hore Jesu o bitsitse Joseph Smith hore e be moporofeta. Ba boetse ba ba bolella ka Buka ea Mormone
Lucy o ile a makala ha Abigaile a halefa. O ile a etsa barumuoa ba boruti lichabeng hore ba tsamaee.
Lucy o ne a tseba hore baromuoa ba boruti lichabeng ke bahlanka ba Molimo. O ile a ba bolella hore ba etele lelapa la hae ho theosa ka tsela.
Baromuoa ba boruti lichabeng ba ile ba ea lapeng la Morley. Batsoali ba Lucy ba ile ba mema baromuoa ba boruti lichabeng hore ba ba rute le metsoalle ea bona.
Bosiung boo, batho ba 17 ba ile ba kolobetsoa. Matsatsing a ’maloa a latelang, batho ba 50 hape ba ile ba utloa baromuoa ba boruti lichabeng ’me ba kolobetsoa. Esita le mohaisani oa Lucy, Abigail, o ile a fetola maikutlo Eena le monna oa hae, hammoho le Lucy le litho tsa lelapa labo, ba ile ba khetha ho latela Jesu Kreste ka ho kolobetsoa.
Leqephe la ho Taka
Ka baka la Jesu Kreste, Ke Tla Tsosoa Bafung
Lits´oants´o ka Corey Egbert
U hopola Morena Jesu joang ka nako ea Paseka?
© 2025 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, April 2024.South Sotho19283 739