“Joseph Smith o Amohela Matlapa a Khauta,” Motsoalle, Hlakola 2025, 26–28.
“Nka ba Paki Ea Hore Buka ea Mormone Ke ´Nete,” Motsoalle, Hlakola 2025, 48.
Molaetsa oa Khoeli Motsoalle Hlakola 2025
Joseph Smith o Amohela Matlapa a Khauta
U ka bala pale ena ho Joseph Smith—Nalane 1:28–60.
Lilemo tse tharo kamorao ho Pono ea Pele, Joseph Smith o ile a ikutloa a le molato ka liphoso tseo a li entseng. O ile a rapela Ntate ea Maholimong ka eona.
Ha Joseph a ntse a rapela, khanya e ile ea tlala phaposi. O ile a bona lenyeloi le eme moeeng. Lebitso la lenyeloi e ne e le Moroni.
Moroni o ile a re ho ne ho na le buka e entsoeng ka maqephe a khauta, kapa matlapa. E ne e patiloe leralleng pela lelapa la bo Joseph. Buka ena e bua ka batho ba phetseng Amerika lilemong tse ngata tse fetileng. Moroni o itse Molimo o ne a tla thusa Joseph ho fetolela buka.
Joseph o ile a ea leralleng ´me a fumana matlapa tlas´a lejoe le boima. Moroni o ile a tla ´me a re Joseph ha a so lokele ho a nka.
Ha Joseph a se a holile, Moroni o ile a kopana le eena leralleng ´me a mo neha matlapa. Moroni o ile a bolella Joseph ho a sireletse.
Joseph o ile a qala ho fetolela matlapa ana ho Sekhooa. O ile a sebelisa lisebelisoa tse ikhethang ho tsoa ho Molimo tse mo thusang. Buka e ile ea phatlalatsoa ka 1830 e bitsoa Buka ea Mormone. E ruta ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae.
Leqephe la ho Taka
Nka ba Paki Ea Hore Buka ea Mormone Ke ´Nete
Lits´oants´o ka Corey Egbert
Re ka thusa ba bang joang ho ithuta ka Jesu Kreste ka Bukeng ea Mormone?
© 2024 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitsoe USA. Tumello ea Senyesemane: 6/19. Tumello ea Phetolelo: 6/19. Phetholelo ea Monthly Friend Message, Loetse 2025.. South Sotho. 19641 739